Boqolotsi Ba Wits Bo Amohela Bakwetlisi Ba Puwo Tsa Setho

TSHEBEDISANO YA DI PUO: Vuvuzela etla kenyeletsa ditaba le mengolo ka dipuo tsa seZulu, seSotho leSengesemane. Senepe: Michelle Gumede

TSHEBEDISANO YA DI PUO: Vuvuzela etla kenyeletsa ditaba le mengolo ka dipuo tsa seZulu, seSotho leSengesemane. Senepe: Michelle Gumede

Lefapha la Boqolotsi ho Yunibesithi ya Witwatersrand le phatlaladitse kamohelo ya basuwe ba bararo ba tlang hotsheetsa, hotataisa le hokwetlisa bangodi ba koranta ya Vuvuzela ka hosebedisa maleme a Sesotho le seZulu. Hona hobolela hore koranta ya Vuvuzela etla kenyeletsa ditaba le mengolo ka dipuo tsa lapeng.

 

Palesa Deejay Manaleng, Vusi Mchunu le Zulumathabo Zulu ba mocheng wa hotsheetsa baithuti ba Boqolotsi ho Wits. Hona hoetsahala ka morao ho ditherisano tse amanang le diphethoho mona Wits.

 

Jwale ka setsibi le seetsahatsi ka maleme le bonono ba setso, Zulu o re o cheseha ha holo ka monyetla ona hobane puo ya selehae ke mocha o fetisang hape oboloka tsebo ya meetlo le bonono ba sechaba. Zulu o toboketsa tjena “Sechaba sa rona setshwanela hoikarabella ka tjantjello tabeng ena ka hoetsa bonnete ba hore puo le meetlo ya rona e ya tshireletswa sebakeng sa meloko etlang.”

 

Maqephe a Vuvuzela a ile a phatlalatsa maqalong a jara hore Wits ene ele makgatheng a hoteka leano la hosebediswa ha di puo tse fapafapaneng ka hokenyeletsa maleme a seAfrika ka hara sekolo eleng karolo ya melawana ya mophato wa Sekolo. Sena se bolela hore baithuti le basuwe ba tla dumellwa hosebedisa dipuo tsa Sesotho, seZulu le Polelomotwa ya dinthuntsebe ka hare le kantle ho diphaposi tsa dithuto.

 

Manaleng o behetse Vuvuzela hore diphephetso di tjametse dipuo tsa rona ka hohloka marangrang a tshwanetseng moo di ka sebediswang hore le tsona dintlafale. Manaleng oitse “Re nale meaho e tletseng matshwele a dibuka tse ngotsweng ka sengesemane empa tse ngotsweng ka dipuo tsa rona di haella.”

 

Manaleng a tshetleha tjena “Re rutilwe hore holekane hotseba maleme a rona a selehae feela ho molemo haholoholo hotseba, honahana le hobua sengesemane. Ha boemo bona bontse botota, Manaleng o hlokomedisa hore reka qetella rebala ka maleme a Afrika Borwa jwale ka tshomo e saleng e feta kgale.”

 

Emong wa baithuti ba Boqolotsi ho Wits eleng Anelisa Tuswa o re yena othabela hokenyeletswa ha maleme a setso ka kakaretso mona sekolong empa hone hokaba molemo ka hofetisisa ha hone hokenyeleditswe maleme a mang jwale ka Seqhotsa. Anelisa o qetelletse ka hore “Ke tseba hongola fela ka Seqhotsa leSengesemane.”

 

Hloho ya Mophato wa Boqolotsi, Ramophato Anton Harber o tshetleha tjena “Jwale ka karolo ya dipuisano ka diphetoho ho mophato wa dithuto tse phahameng, re nkile qeto ya hothakgola diteko tsa hongola ka dipuo tsa selehae ka hofapana. Engwe ya bothata ba motheo ke hore boqolotsi ba dingolwa jwale ka dikoranta ha bo kenyeletse dipuo tsa selehae tsa Afrika Borwa haesefela Sengesemane leSeburu – rehloka hophethahatsa karolo ya rona horarolleng ha bothata bona. Hadima moo, mongodi ya buang leleme le leleng feela, otla aparelwa ke mathata ka hara sechaba sa rona. Dikolo tsa boqolotsi dihloka hotobana le phephetso ena.”

 

Vuvuzela etla phatlalatsa ka Sesotho le seZulu dibekekeng tse tlang hoisa mafeleong a selemo.